Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:9 - BIBELE

9 Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, le bona baholo ba nyenyefatswe; o ke ke wa ba tshwarela.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:9
16 Referencias Cruzadas  

O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.”


Mamelang, lona ditjhaba tsohle; sekehang tsebe, lona baahi bohle ba lefatshe,


Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone.


Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


Bohle ba tla nyenyefatswa, ba kokobetswe, baikakasi le bona ba kokobetswe.


Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela.


La itlotsa ka ole e nang le menkwane, la ba la ya ho kgosi, la romela maqosa a lona naheng tse hole, la ba la a romela Nqalong ya Bafu.


Wena Morena, o tseba merero ya bona yohle, merero ya bona ya ho mpolaya. Se ka ba tshwarela bokgopo ba bona, kapa wa tlosa sebe sa bona mahlong a hao; a ba ke ba ketolwe kapele ho wena, o ba otle nakong ena eo o ba halefetseng ka yona.


empa mang kapa mang ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa ho isa kgale; o molato wa sebe se sa feleng,”


Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


Leha ho ba le borapedi ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokgwa o fosahetseng, ho hlokofatsa mmele, di bonahala e ka di na le bohlale, ha di na thuso, haese ho tjhatjhehisa ditakatso tsa botho.


Joshua a re ho setjhaba: “Le ke ke la sebeletsa Morena, hobane ke Modimo ya halalelang, ke Modimo ya boulelang. A ke ke a le tshwarela ditshito tsa lona, kapa dibe tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos