La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha dira tsa rona di utlwa hoba taba tsa bona di tsejwa ke rona, kahoo Modimo wa qhala morero wa bona, mme bohle ra boela lerakong, e mong le e mong mosebetsing wa hae.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha dira tsa rona di utlwa hore re se re tseba morero wa tsona, le hore Modimo o nyopisitse morero oo wa tsona, yaba rona bohle re kgutlela lerakong, motho ka mong a ba mosebetsing wa hae.

Ver Capítulo



Nehemia 4:15
13 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Ho tloha tsatsing leo, ba bang ba bahlanka ba ka ba nna ba sebetsa mosebetsi, ba bang bona ba ema ba tshwere marumo, le dithebe, le diqha, le ditshireletso tsa sefuba; balaodi bona ba ne ba eme kamora bohle ba ntlo ya Juda.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Ho jwaloka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ya hae, a neile bahlanka ba hae ditaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi wa hae, mme a laetse molebedi wa monyako ho lebela.


Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.


Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;