Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 13:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ho jwaloka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ya hae, a neile bahlanka ba hae ditaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi wa hae, mme a laetse molebedi wa monyako ho lebela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Hobane Mora Motho o jwaloka motho ya etang, ya ileng a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a laela molebedi wa monyako hore a lebele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Hobane Mora Motho o jwaloka motho ya etang, ya ileng a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a laela molebedi wa monyako hore a lebele.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 13:34
17 Referencias Cruzadas  

Ke tla o nea dinotlolo tsa mmuso wa mahodimo: hohle hoo o tla ho tlama lefatsheng ho tla tlangwa mahodimong, le hohle hoo o tla ho lokolla lefatsheng ho tla lokollwa mahodimong.


Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle.


Ke ka baka leo le ntshang makgetho; hobane marena ke babusisi ba Modimo ba tiisetsang kabelong ya bona kamehla.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.


Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos