La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Bajuda ba neng ba ahile pela bona, ba ne ba tla, ba re sebela morero oo ho fihlela haleshome ba etswa nqalong tsohle, ba re: E ka kgona le boele ho rona.

Ver Capítulo

BIBELE

E ile yare ha Bajuda ba neng ba ahile pela bona ba fihla, ba bua le rona ka makgetlo a leshome, ba re: “Ba tla re futuhela ba etswa dibakeng tsohle.”

Ver Capítulo



Nehemia 4:12
7 Referencias Cruzadas  

Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.


empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.


Athe dira tsa rona di ne di re: Ba ke ke ba tseba letho, ba ke ke ba bona letho, ho fihlela re ba re kena hara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi.


Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.


Le se le nkentse motho e mobe ha leshome; ha le na dihlong tsa ho nnyefola!


Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,