Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 1:20
25 Referencias Cruzadas  

empa ntata lona o nthetsitse, o fetotse moputso wa ka haleshome; leha ho le jwalo, Modimo ha o a ka wa mo dumella hore a nketse hampe.


Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.


Bajuda ba neng ba ahile pela bona, ba ne ba tla, ba re sebela morero oo ho fihlela haleshome ba etswa nqalong tsohle, ba re: E ka kgona le boele ho rona.


Le se le nkentse motho e mobe ha leshome; ha le na dihlong tsa ho nnyefola!


Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka.


Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Dingaka le tsona tsa etsa jwalo ka boupelli ba tsona, tsa nyolla dihohwana naheng ya Egepeta.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


bona, o hlalefile ho feta Daniele, ha ho lekunutu le patehileng ho wena;


Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.


Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya.


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.


Haele batho bana kaofela ba boneng kganya ya ka le mehlolo eo ke e entseng Egepeta le lefeelleng, ba seng ba ntekile ha leshome, ba sa kang ba utlwa lentswe la ka,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos