Kamora tseo, a haha lerako le tsamayang kantle, ka nqa botjhabela ho motse wa Davida, ho leba Gihone, Kgohlong, le ho ya fihla monyakong wa Dihlapi; a teela Ofele hare, a e phahamisetsa hodimo haholo; mme a bea balaodi ba makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane.
le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.
Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.
Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;
Monyako wa Kgale wona wa lokiswa ke Jojada, mora Pasea, le Meshullame, mora Besodia; ba bea difate tsa wona, mme ba kenya mamati le dinotlolo le mekwallo.
Sanballate, le Tobia, le Gesheme Moarabe, le dira tse ding tsa rona, eitse ha ba utlwa hore ke tsositse lerako, le hore ha ho sekgeo se setseng ho lona, — leha ke ne ke eso ho kenye mamati a menyako ho fihlela motsotso oo —