La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Balevi e ne e le Joshua, Binnui, Kadmiele, Sherebia, Juda, Matthania, ya neng a tsamaisa difela, e le yena le banababo.

Ver Capítulo

BIBELE

Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.

Ver Capítulo



Nehemia 12:8
12 Referencias Cruzadas  

Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.


Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, ba lesika la bana ba Hodavia, ba mashome a supileng a metso a mene.


Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.


E mong e ne e le Matthania, mora Mikea, mora Sabdi, mora Asafe, hlooho, ya neng a qala ho phokola thoko thapelong; wa bobedi hara banababo e ne e le Bakbukia; e mong hape e ne e le Abda, mora Shammua, mora Galale, mora Jeduthune.


Mohlahlobi wa Balevi ba neng ba le Jerusalema e ne e le Ussi, mora Bani, mora Hashabia, mora Matthania, mora Mikea, wa bara ba Asafe, bao e neng e le dibini tse etsang tshebeletso ya ntlo ya Modimo.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.


Sallu, Amoke, Hilkia, le Jedaia. E ne e le bona dihlooho tsa baprista le tsa banababo bona mehleng ya Joshua.


Bakbukia, le Unni, le banababo bona ba ne ba lebela hammoho le bona.


Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, le bana ba Hodva, ba mashome a supileng a metso e mene.


bana ba Lebana, bana ba Hagaba, bana ba Salmai;


Yaba Joshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Bunni, Sherebia, Bani, le Kenani, ba ema sethaleng sa Balevi, ba howeletsa ho Jehova, Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.