Nehemia 12:42 - Sesotho 1909/1961 (SO) le Maaseia, le Shemaia, le Eleasare, le Ussi, le Johanane, le Malkija, le Elame, le Esere. Dibini tsa nna tsa bina haholo, di ntse di tsamaiswa ke Jisrahia. BIBELE ba ena le bo-Maasiya, le Shemaya, le Eleasare, le Usi, le Jehohanane, le Malakiya, le Elame, le Esere. Dibini tse neng di tsamaiswa ke Jiserahiya tsa bina haholo. |
le banababo bona, banna ba bahale, ba neng ba etsa lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi; mohlahlobi wa bona e ne e le Sabdiele, mora Gedolime.
le baprista Eliakime, Maaseia, Minyamine, Mikea, Elieonai, Sakaria, le Hanania, ba tshwere diterompeta,
Tsatsing leo, Baiseraele ba hlaba mahlabelo a maholo, mme ba thaba, hobane Modimo o ne o ba thabisitse ka thabo e kgolo; esita le basadi le bana ba nna ba thaba, thabo ya Jerusalema ya ba ya utlwahala hole.
Utlwahatsang difela tsa lona ho Modimo oo e leng matla a rona, le mehoo ya lona ya nyakallo ho Modimo wa Jakobo!
Tloong, re phahamisetseng dipina tsa rona ho Jehova, le mehoo ya rona ya nyakallo ho lefika la poloko ya rona!