Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 81:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Utlwahatsang difela tsa lona ho Modimo oo e leng matla a rona, le mehoo ya lona ya nyakallo ho Modimo wa Jakobo!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 81:1
16 Referencias Cruzadas  

Le tle le re ho Josefa: Oho! ke a o rapela, ako tshwarele molato wa banabeno le sebe sa bona sa mohla ba o etsang hampe! Mme jwale, re a o rapela hore o tshwarele sebe sa bahlanka ba Modimo wa ntatao! Josefa a lla, ha ba bua le yena.


Mabitso a bara ba Gershome ke Libni le Shimei.


Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!


Phahamisetsang ho Modimo mehoo ya thabo, lona mafatshe wohle!


Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)


Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle, wena ya beileng kganya ya hao mahodimong!


Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!


Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos