La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 12:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

le Bethe-Gilgale, le naheng ya Geba le Asmavethe; hobane dibini di ne di ikgahetse metse ka nqa tsohle ho Jerusalema.

Ver Capítulo

BIBELE

tsa latwa le Bete-Gilegale, le dibakeng tse potapotileng Geba, le Asemafete, hobane dibini di ne di ikgahetse metse ho potapota Jerusalema.

Ver Capítulo



Nehemia 12:29
12 Referencias Cruzadas  

Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.


bana ba Asmavethe ba mashome a mane a metso e mmedi;


Haele bana ba Benjamine, ba aha ho tloha Geba, le Mikmashe, le Aija, le Bethele le metseng ya teng,


Bana ba dibini le bona ba phutheha naheng e teetseng Jerusalema hare le metseng ya Banethofa,


Baprista le Balevi ba itlhwekisa, hape ba hlwekisa setjhaba le menyako le lerako.


Ka utlwa hape hobane Balevi ba ne ba sa ka ba newa dikabelo tsa bona, le hoba Balevi le dibini, ba etsang tshebeletso, ba ne ba thobetse e mong le e mong naheng ya hae.


banna ba Beth-Asmavethe ba mashome a mane a metso e mmedi;


banna ba Rama le Geba ba makgolo a tsheletseng a mashome a mabedi a motso o mong;


Thaba tseo, ha ke re, di mose wane, ho Jordane, kamora tsela e lebileng nqa bophirimatsatsi, naheng ya Bakanana ba ahileng lehwatateng, mabapa le Gilgale, haufi le dieike tsa More?


Yaba Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba boela diahelong tse Gilgale.


Lelokong la Benjamine, ke Gibeone le meraka ya wona, le Geba le meraka ya wona;


Jwale, Jehova a re ho Joshua: Kajeno, ke phikolositse sekgobo sa Egepeta, ke se tlositse ho lona. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Gilgale (phikoloso), le kajeno.