Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.
Nehemia 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) le Hatsare-Shuale, le Beerseba le metseng ya teng, BIBELE le Hasara-Shuale, le Beeresheba le metsaneng ya yona, |
Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.
Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Beerseba, kahobane ba hlapantse teng ba babedi.
A se bitsa Seba (hlapanyo); ka baka leo, lebitso la motse oo wa eba Beerseba (sediba sa hlapanyo), ho fihlela la kajeno.
Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.