Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya rwetseng tshwele e kgubedu letsohong la hae, mme a mo rea lebitso la Sera (ho benya).
Nehemia 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Phethahia, mora Meshesabeele, wa bara ba Sera, mora Juda, o ne a beilwe ke morena ho ela ditaba tsohle tsa setjhaba hloko. BIBELE Petahiya, mora wa Meshesabole, e mong wa ditloholo tsa Sera, mora wa Juda, e ne e le letona la kgosi ditabeng tsohle tse amanang le setjhaba. |
Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya rwetseng tshwele e kgubedu letsohong la hae, mme a mo rea lebitso la Sera (ho benya).
Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.
Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.
Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;
Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;
Bara ba Juda ke bana ka matlo a bona; ka Shela ho hlahile ntlo ya Bashela; ka Peretse ntlo ya Baperetse; ka Serake ntlo ya Baserake.
Juda a tswala Farese le Sara, ka Thamare; Farese a tswala Esrome; Esrome a tswala Arame;