Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Bara ba Juda ke bana ka matlo a bona; ka Shela ho hlahile ntlo ya Bashela; ka Peretse ntlo ya Baperetse; ka Serake ntlo ya Baserake.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera.

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:20
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae: Kgutlela tlung ya ntatao o le mohlolohadi, ho fihlela Shela, moraka, a hola. Hobane o ne a re, esere mohlomong le yena a shwa jwaloka banababo. Yaba Tamare o a tsamaya, a boela tlung ya ntatae.


Yaba o hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikapesa ka lesira, a ipopa, a ye dula kgorong ya Enaime, e tseleng ya Thimna; hobane o ne a bona hoba Shela o hodile, a mpa a sa mo newe hore e be mosadi wa hae.


A boela a tswala mora hape, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe, ha eo a tswalwa.


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.


Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.


Bara ba Shela, mora Juda, ke Ere ntata Leka, le Laeda ntata Maresha, le masika a ba neng ba sebetsa masela a lene, e le ba ntlo ya Ashbea,


e leng Uthai, mora Ammihude, mora Omri, mora Imri, mora Bani, wa bara ba Peretse, mora Juda.


Ho Bashilone, ke Asaia wa letsibolo le bara ba hae;


Phethahia, mora Meshesabeele, wa bara ba Sera, mora Juda, o ne a beilwe ke morena ho ela ditaba tsohle tsa setjhaba hloko.


Jerusalema, ha aha ba bang ba bana ba Juda le ba bana ba Benjamine. Baneng ba Juda, ya eba Athaia, mora Osiase, mora Sakaria, mora Amaria, mora Shefathia, mora Mahalaleele, wa bana ba Peretse,


Kaofela ha bana ba Peretse ba ahileng Jerusalema e ne e le banna ba bahale ba makgolo a mane a mashome a tsheletseng makgolo a mane a mashome a tsheletseng a metso e robileng meno e le mmedi.


Bara ba Peretse ya eba Hetsrone; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahetsrone; ka Hamule ntlo ya Bahamule.


Juda a tswala Farese le Sara, ka Thamare; Farese a tswala Esrome; Esrome a tswala Arame;


wa Aminadabe, wa Arame, wa Esrome, wa Farese, wa Juda,


Ba leloko la Juda ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Rubene ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Gade ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos