Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.
Ho bara ba Juda, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.