Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.
Nehemia 11:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi. BIBELE Balebedi ba menyako e ne e le bo-Akube le Talamone, le bana babo bona. Ba ne ba le lekgolo le mashome a supileng a metso e mmedi. |
Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.
Kaofela ha Balevi ba neng ba le motseng o halalelang ba ne ba etsa makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene.
Ba bang ba Iseraele, le baprista, le Balevi, ba ne ba ahile metseng yohle ya Juda, e mong le e mong lefeng la hae.
Haele Matthania, Bakbukia, Abdiase, Meshullame, Thalmone, Akkube, dibohodi le balebedi ba menyako, ba ne ba lebela mediko e pela menyako ya motse.
Haele balebedi ba menyako, ya eba bana ba Shallume, bana ba Athere, bana ba Thalmone, bana ba Akkube, bana ba Hathitha, le bana ba Shobai; ba etsa lekgolo le nang le mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.
Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.