Mikea 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Barui ba motse ona ba tletse bolotsana, baahi ba wona ba bolela leshano, leleme la bona ke bohata molomong wa bona. BIBELE “Barui ba lona ke banna ba sehloho; tjhaba sa lona ke batho ba leshano, maleme a bona ke maleme a thetsang. |
Hobane kgotso e hlokwa dipolelong tsa bona, ba rera ditaba tsa ho thetsa ba bonolo ba lefatshe.
Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.
Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.
Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.
Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.
Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.
Ho madimabe bona, hobane ba mpalehetse! Ho lahleha bona, hobane ba nkwenehetse! Ke ne ke re, ke a ba lopolla, empa bona ba bolela mashano hodima ka.
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;
Ba sekame hodima ditulo tse entsweng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse hodima diphate tsa bona, ba ja dikonyana tsa mohlape le manamane a fepuwang setaleng.
hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.
Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;
mmetso ya bona ke lebitla le ahlamileng; ba thetsa ka maleme a bona; mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona;