Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba sekame hodima ditulo tse entsweng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse hodima diphate tsa bona, ba ja dikonyana tsa mohlape le manamane a fepuwang setaleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.

Ver Capítulo Copiar




Amose 6:4
18 Referencias Cruzadas  

Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.


Teng, ho ne ho na le masela a lene e tshweu, le a sei, le a purepera, a neng a fanyehilwe ka dikgole tsa lene le tsa sekarelata masaleng a silefera le ditshiyeng tsa maramore e tshweu; hape, ho ne ho na le malao a kgauta le silefera mokatong wa porfira, le wa maramore e tshweu, le wa dikgetla, le wa majwe a matsho.


Mafura a rotola mahlo a bona, mehopolo ya pelo tsa bona e a itlhahisa.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Ho madimabe moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime, ho madimabe palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng sa ba hlolwang ke veine!


Hape, o se ke wa kena ka tlung ya mokete ho ya itulela le bona ho ja le ho nwa.


Bona, bokgopo ba Sodoma, ngwaneno, ke bona: e ne e le boikgohomoso, le nala, le ho dula ho iketlilwe; ke bona bokgopo ba hae le ba baradi ba hae; hape, o ne a sa tshehetse matsoho a mohlomohi le a mofutsana.


wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.


Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.


Dipina tsa ntlo ya borena di tla fetoha dillo ka letsatsi leo, ho itsalo Morena Jehova. Ho tla tlala ditopo; di tla akgelwa hohle, ho ntse ho thotswe.


Barui ba motse ona ba tletse bolotsana, baahi ba wona ba bolela leshano, leleme la bona ke bohata molomong wa bona.


Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.


Le ipheletse lefatsheng ka menate, le bone menyaka, le nontshitse dipelo tsa lona letsatsing la hlabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos