La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu ha a tloha teng, a bona motho ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho; yaba o re ho yena: Ntatele. Mattheu a ema, a mo latela.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.

Ver Capítulo



Mattheu 9:9
16 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, ho ke ho tsejwe ke morena hore, ha efela motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a ka phethwa, ha ba sa tla ntsha lekgetho le sethabathaba le kabelo, mme kahoo bobolokelo ba morena bo tla senyehelwa.


Filipi le Bartholome; Thomase le Mattheu, molekgetho; Jakobo, mora Alfea, le Thaddea;


Le ho bona a re: Eyang le lona tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng; mme ba ya.


Empa Jesu a re ho yena: Ntatele, o lese bafu ba epele bafu ba bona.


Yare ha a dutse dijong tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba kena, ba dula dijong le Jesu le barutuwa ba hae.


le Andrease, le Filipi, le Bartholome, le Mattheu, le Thomase, le Jakobo, mora Alfea, le Thaddea, le Simone Mokanana,


Matheu le Thomase, Jakobo, mora Alfea, le Simone, ya reilweng Selote;


Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.


ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;