Mattheu 9:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha di tswile, tsa hasanya botumo ba hae naheng eo yohle. BIBELE Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle. Baasraak Sotho NT Empa bona, ha ba tloha, ba hasa botumo ba hae naheng eo yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa bona, ha ba tloha, ba hasa botumo ba hae naheng eo yohle. |
Yaba balebedi ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng; mme taba eo e tumile hara Bajuda ho fihlela kajeno.
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
A ba laya hore ba se ke ba bolella motho, empa ha a ba laile haholo, ya eba hona ba bolelang ka ho fetisisa.
Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.
Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena.