Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.
Mattheu 9:29 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etsetswe kamoo le dumetseng kateng. BIBELE Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!” Baasraak Sotho NT Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etswe ka tumelo ya lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etswe ka tumelo ya lona. |
Jwale Jesu a araba, a re ho yena: Mosadi, tumelo ya hao e kgolo; a ho etswe ho wena kamoo o ratang kateng. Mme moradi wa hae a fola nakong yona eo.
Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme hang mahlo a bona a boela a bona; mme ba mo latela.
Yaba Jesu o re ho molaodi wa lekgolo: Eya, o etsetswe kamoo a dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola nakong yona eo.
Jesu a reteleha, a mo tadima, a re ho yena: Beta pelo, moradi wa ka; tumelo ya hao e o pholositse. Mme nakong yona eo, mosadi a fola.
Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.
Jesu a re ho sona: Eya, tumelo ya hao e o pholositse. Sa bona hang, sa ba sa latela Jesu tseleng.