Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.
Mattheu 9:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o ne a re ka ho yena: Ha nka ama kobo ya hae feela, ke tla fola. BIBELE hobane o ne a re ka pelong: “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.” Baasraak Sotho NT Hobane o ne a ipolella, a re: Ha nka ama seaparo sa hae feela, ke tla fola. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a ipolella, a re: Ha nka ama seaparo sa hae feela, ke tla fola. |
Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.
Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.
Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.
Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.