Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme a fodisa bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme a fodisa bohle.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:19
15 Referencias Cruzadas  

Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.


Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.


Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.


Jesu a mpa a phakisa a lemoha ka ho yena matla a tswileng ho yena, mme a reteleha hara bongata, a re: Ke mang ya amileng kobo ya ka?


Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.


Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.


Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.


le ba neng ba tshwenyeha ke meya e ditshila ba ne ba fodiswa le bona.


Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos