Mattheu 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang. BIBELE Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa e batlwa ke ba kulang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa e batlwa ke ba kulang. |
O nkgauhele, Jehova, hobane ke a idibana; o mphodise, Jehova, hobane masapo a ka a thothomela;
Oho Jehova, mphodise, ke tle ke fole; o mpholose, ke tle ke pholohe, hobane o thoko ya ka.
Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.
Bona, ke tla o tlamella, ke o oke; ke tla ba fodisa, ke ba nee nala ya kgotso le ya boiketlo;
Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?
Ke tla fodisa bokwenehi ba bona, ke ba rate ka ho ithatela ha ka, hobane bohale ba ka bo tlohile ho bona.
Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.
Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.
Yaba mosadi ya neng a kula ke phallo ya madi e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya neng a neile dingaka dintho tsa hae kaofela, a sa ka a fodiswa le ke e nngwe,
Eitse hobane batho ba tsebe, ba mo latela. Jesu a ba amohela, a ba bolella taba tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba batlang phodiso.