le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao.
Mattheu 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane le nna, ke leng motho ya buswang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; mme ha ke re ho e mong: Eya, o a ye; le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse. BIBELE Le nna, ke le motho ya taolong ya ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka; ha ke re ho e mong: ‘Eya,’ o a ya; le ho e mong: ‘Tloo,’ o a tla; le ho mohlanka wa ka, ‘Etsa hona,’ o a etsa.” Baasraak Sotho NT Hobane nna, ke motho ya taolong, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, a tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane nna, ke motho ya taolong, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, a tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa. |
le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao.
Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.
Empa molaodi wa lekgolo a bua, a re: Morena, ha ke na tokelo ya hobane o kene tlung ya ka; o mpe o bue polelo feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.
Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.
Jesu a inama hodima hae, a kgalemela febere, mme ya mo tlohela; mme a phakisa a tsoha, a ba sebeletsa.
Hobane le nna, ke leng motho ya laolwang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; ha ke re ho e mong: Eya, o a ye: Le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.
Jesu a bokella barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba fa matla le borena ho hlola batemona bohle, le ho fodisa malwetse.
Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.
Bolella bahlanka hore ba no utlwa beng ba bona, ba ba kgahlise nthong tsohle, ba se ke ba ba fetola,