Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa molaodi wa lekgolo a bua, a re: Morena, ha ke na tokelo ya hobane o kene tlung ya ka; o mpe o bue polelo feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Molaodi wa lebotho a mo araba, a re: “Morena, ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; bua feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Molaodi wa lekgolo a araba, a re: Morena, ha ke a tshwanela hore o kene tlasa marulelo a ka;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Molaodi wa lekgolo a araba, a re: Morena, ha ke a tshwanela hore o kene tlasa marulelo a ka;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:8
18 Referencias Cruzadas  

ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Jehova o utlwa merapelo ya ba tshwenyehang.


a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Empa Johanne a hana ho yena, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na?


Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.


Jesu a re ho yena: Ke tla ya, ke mo fodise.


Hobane le nna, ke leng motho ya buswang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; mme ha ke re ho e mong: Eya, o a ye; le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.


ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao; o nketse ya jwaloka e mong wa bahlanka ba hao.


Empa mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos