E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.
Mattheu 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile e mong, e leng mongodi, o mo atamela, a re ho yena: Moruti, moo o yang teng, leha e le kae le kae, ke tla o latela. BIBELE Setsebi sa Molao sa tla ho yena, sa re: “Moruti, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.” Baasraak Sotho NT Mongodi e mong a tla, a re ho yena: Moruti, ke tla o latela hohle moo o yang teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mongodi e mong a tla, a re ho yena: Moruti, ke tla o latela hohle moo o yang teng. |
E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.
Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?
Mme ekaba ke tla hlola ditshiu hara lona, mohlomong ke hlole teng mariha a be a fete, le tle le nne le mphelehetse hohle moo ke yang le teng.