Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme ekaba ke tla hlola ditshiu hara lona, mohlomong ke hlole teng mariha a be a fete, le tle le nne le mphelehetse hohle moo ke yang le teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Mohlomong ke tla hlola le lona, ke qete mariha, le tle le nthuse ho tswela pele maetong a ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Mme mohlomong ke tla hlola mariha le lona, le tle le mphedise hohle moo ke yang teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mme mohlomong ke tla hlola mariha le lona, le tle le mphedise hohle moo ke yang teng.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:6
11 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.


Ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene; mme eitse hobane ba newe molaetsa o yang ho Silase le Timothea, o reng ba tle ho yena kapele, ba kgutla.


Haholo ba ne ba hlomohile ke taba eo a ba boleletseng yona, ha a itse, ba ke ke ba boela ba bona sefahleho sa hae. Mme ba mo felehetsa ho fihla sekepeng.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


Mme kahobane sekepe se ne se sa tshwanela ho dula koung eo mariha, ba bangata ba phehella ho tloha teng le ho leka ho ya hlola mariha Fenikse, e leng kou ya Kreta, e lebaneng le moya wa bophirimela ba borwa le wa bophirimela ba leboya.


Kgwedi tse tharo ha di fetile, ra tsamaya ka sekepe sa Aleksandria, se neng se hlotse mariha sehlekehlekeng seo, se ena le setshwantsho sa Kastore le Polukse.


ke tla le etela ha ke ya Spania; hobane ke tshepile hore ke tla le bona, ha ke haola naha ya lona, le hore ke lona le tla nkisa teng, ha ke se ke kgotswe hanyenyane ke lona.


A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.


ke ntoo le feta, ke ye Masedonia, mme ha ke kgutla Masedonia, ke boye le ka ha heno, e tle e be lona ba mphelehetsang ha ke fetela Judea.


Etlere ha ke o romela Artemase, leha e le Tikike, o phakise o tle ho nna Nikopolise; hobane ke hopotse ho hlola mariha teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos