Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha ke lakatse ho le fapohela feela ke feta, hobane ke ikemiseditse ho dula le lona nako e itseng, ha Morena a rata.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Hobane jwale ha ke rate ho le bona; empa ke tshepile ho hlola nakonyana le lona, ha Morena a dumela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hobane jwale ha ke rate ho le bona; empa ke tshepile ho hlola nakonyana le lona, ha Morena a dumela.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:7
8 Referencias Cruzadas  

Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.


Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.


A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.


ke ntse ke kopa kamehla merapelong ya ka hore na, ha e ka ba ho rata ha Modimo, nke ke ka fuwa sebaka se setle sa ho ya ho lona.


Athe ke se ke tla ya ho lona kapele, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng dipolelo tsa ba ikgantshitseng, empa e le matla a bona.


Mme ha ke ne ke ntse ke tshepa jwalo, ke ne ke ratile ho tla ho lona pele, le tle le newe molemo wa bobedi,


Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos