Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.
Mattheu 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; BIBELE “Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola, Baasraak Sotho NT Le se ke la ahlola, le tle le se ke la ahlolwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la ahlola, le tle le se ke la ahlolwa. |
Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.
hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.
Moikaketsi, qala hle ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana leihlong la ngwaneno.
Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;
Na o tadimelang lehlokwana le leihlong la ngwaneno, athe ha o lemohe tshiya e ka leihlong la hao?
Mme kahobane ba ne ba phehella ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: Ya se nang sebe ho lona e be yena ya qalang ho mmetsa ka lejwe.
Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.