Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 66:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 66:5
32 Referencias Cruzadas  

Ana o bona kamoo Akabe a ikokobetsang kateng, pela ka na? Erekaha a ikokobeditse pela ka, nke ke ka hlahisa bomadimabe tshiung tsa hae; ke tla hlahisetsa ntlo ya hae bomadimabe mehleng ya mora hae.


Shafane, mongodi, a ntoo tsebisa morena, a re: Moprista Hilkia o nneile buka e nngwe. Ebile moo Shafane a e balang pela morena.


Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Ha phuthehela ho nna bohle ba thothometswang ke mantswe a Modimo wa Iseraele, ka baka la boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong; mme ka dula fatshe ke tshohile, ya ba ya eba nako ya sehlabelo sa mantsiboya.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.


Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.


Le se ke la ntadima ha ke le motshwana, hobane ke tjhele ke letsatsi; bara ba mmè, ha ba nkgalefetse, ba mpeile ho disa merara, mme merara e leng ya me ka sebele ha ke a e disa.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Ba reng: Ha a phakise, a akofise mosebetsi wa hae, re tle re o bone; morero wa Mohalaledi wa Iseraele o atamele, o hlahe, re tle re o leke.


Bakeng sa hoba o ne o tlohetswe, o hloilwe, mme ho ne ho se motho ya haolang ka wena, ke tla o etsa motse o kganyang ka ho sa yeng kae, ke o bee ya thabelwang mefuteng le mefuteng.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Eitse hobane ba utlwe mantswe ao kaofela, ba tshoha e mong le e mong, ba re ho Baruke: Re tla tsebisa morena mantswe ao kaofela.


Ba tla latela Jehova. Jwaloka tau, o tla puruma, e, yena o tla puruma, mme bana ba hae ba tla itlhahanela ho yena, ba etswa bophirimela.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le tle le tlotliswe ka lona, le lona le tlotliswe ho yena, ka mohau wa Modimo wa rona, le wa Jesu Kreste Morena wa rona.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Se makaleng, banabeso, ha lefatshe le le hloile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos