Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 66:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Le nna ke tla ba otla ka kotlo e bohloko, ke ba tlisetse sona seo ba se tshabang. Ha ke ne ke bitsa, ha ho ya kila arabela, ha ke ne ke bua, ha ba a ka ba mamela. Ba entse bobe moo ke ntseng ke ba shebile, ba ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 66:4
24 Referencias Cruzadas  

A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Erekaha ke hoile, mme le hanne ho utlwa, ka ba ka otlolla le letsoho la ka, ho se motho ya kileng a lemoha;


Seo e mobe a se tshabang ke sona se tlang ho mo wela hodimo; empa ba lokileng ba tla newa seo ba se ratang.


Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.


Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa. Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.


Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.


ke le neeletse lerumo, mme le tla akgelwa polaong, hobane ke bitsitse, empa ha le a ka la araba; ke boletse, empa ha le a ka la mamela, mme le entse sebe pela mahlo a ka, la ikgethela seo ke sa se rateng.


Ke bile ke ntshitse matsoho a ka ka matsatsi wohle, ho a otlollela setjhaba se ikgantshang, se latelang mehopolo ya sona tseleng e kgopo;


setjhaba sa ba nkgalefisang kamehla pontsheng, ba etsang mahlabelo dirapeng, ba tjhesang dibano dialetareng tsa makote;


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.


Jwale, ka baka la hobane le entse tseo tsohle, ho bolela Jehova, mme nkile ka nna ka bua ho lona, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha le a ka la mmamela; mme nkile ka bitsa ho lona, empa ha le a ka la araba;


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Lerumo le a le tshaba, empa ke tla le tlisetsa lerumo: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o re: Leha e ka ba mang wa ntlo ya Iseraele ya kgomaretseng ditshwantsho tsa hae ka pelo ya hae, ya beileng lebaka la kgopiso la bokgopo maloka le yena, ha a etla ho moporofeta, nna ke leng Jehova, ke tla mo arabela ka bongata ba ditshwantsho tsa hae;


Ke kahoo nkileng ka ba nea dikomelo tse neng di se ntle, le melao e ke keng ya phedisa.


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Leha ho le jwalo, setjhaba sa hana ho utlwa lentswe la Samuele, sa re: Tjhe, empa re tla ba le morena ya re busang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos