Mattheu 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa wena, ha o etsa thuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona la hao, BIBELE Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, Baasraak Sotho NT Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang. |
Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.
Jesu a re ho yena: O iponele, o se ke wa bolella motho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise mpho e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.
a re ho yena: Bona! o se ke wa bolella motho letho; o mpe o ye, o ipontshe ho moprista, mme o ananele ntlafalo ya hao ka se laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejwa; ha o etsa tseo, o iponahatse ho lefatshe.