Mattheu 6:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng. BIBELE hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.” Baasraak Sotho NT Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng. |
Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.
Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.
Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?
Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.
Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi.
Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.
ha re fela re sa tadime tse bonahalang, re mpa re tadima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela: empa tse sa bonahaleng ha di ka ke tsa eba le bofelo.
Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao.
Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;