Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.
Mattheu 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng; BIBELE O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng; Baasraak Sotho NT O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng. |
Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.
Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.
Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;
Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.
Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo.
Ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothatsa ka Morena wa rona Jesu Kreste, hore ba sebetse ba kgutsitse, mme ba je bohobe boo e leng ba bona.
Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.