Mattheu 5:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo. BIBELE hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Baasraak Sotho NT Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. |
Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.
Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.
Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.
le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;
E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe, kahobane peo ya wona e dutse ho yena; mme o sitwa ho etsa sebe, kahobane o tswetswe ke Modimo.