Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Le fele le be baetsisi ba Modimo, kaha le le bana ba ratwang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ka moo he, nnang baetsi ba Modimo, jwaloka bana ba ratehang;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka moo he, nnang baetsi ba Modimo, jwaloka bana ba ratehang;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:1
13 Referencias Cruzadas  

Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.


Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo.


Mme jwale, phethehang, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.


Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona;


Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.


le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;


Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.


Baratuwa, haele moo Modimo o re ratile jwalo, le rona e ka kgona re ratane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos