Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.
Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.