Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:31 - BIBELE

31 “Ho ile ha thwe: ‘Mang le mang ya hlalang mosadi wa hae a mo fe lengolo la tlhalo.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ho boletswe hape, ha thwe: Motho ha a hlala mosadi wa hae, a mo nee lengolo la hlalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Ho boletswe, ha thwe: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a mo nee lengolo la tlhalo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Ho boletswe, ha thwe: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a mo nee lengolo la tlhalo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:31
6 Referencias Cruzadas  

Morena o re: “Ha monna a hlala mosadi wa hae, mosadi a mo tlohela, a nyalwa ke monna osele, na monna a ka kgutlela ho yena? Naha e ka silafala kahohle! O bile seotswa sa banna ba le bangata, na o ka boela wa kgutlela ho nna hape?” ho rialo Morena.


“Ke hloile tlhalano,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele; “ke hloile ha monna a etsetsa mosadi wa hae sehloho se jwalo. Hlokomela hore o se fetohele kano ya hao ya ho tshepahala ho mosadi wa hao,” ho rialo Morena wa mabotho.


Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa potso ho mo leka, ba re: “Na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae ka lebaka lefe kapa lefe?”


Ba re ho yena: “Jwale ke ka baka lang Moshe a laetseng hore mosadi ‘a newe lengolo la tlhalo, mme a hlalwe?’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos