Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi, ke ana: Wa pele, ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo;
Mattheu 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa. BIBELE Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa. Baasraak Sotho NT Ha a tswela pele ho tloha moo, a bona ba bang ba babedi ba bara ba motho, e leng Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo, ba le ka sekepeng le Sebedea ntata bona, ba ntse ba lokisa matlowa a bona; mme a ba bitsa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha a tswela pele ho tloha moo, a bona ba bang ba babedi ba bara ba motho, e leng Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo, ba le ka sekepeng le Sebedea ntata bona, ba ntse ba lokisa matlowa a bona; mme a ba bitsa. |
Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi, ke ana: Wa pele, ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo;
Matsatsi a tsheletseng ha a fetile, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo, mme a ya le bona kathoko, thabeng e telele.
A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo.
le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;
Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.
Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho.