A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Mattheu 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa. BIBELE A itima dijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nto lapa. Baasraak Sotho NT Eitse hobane a itime dijo matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, kamora moo a lapa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane a itime dijo matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, kamora moo a lapa. |
A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.
Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.
Hobane ke na be ke lapile, mme le kile la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme le kile la nnea ka nwa; ke na be ke le moeti, mme la nkenya tlung ha lona;
Hobane ke na be ke lapile, mme ha le a ka la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme ha le a ka la nnea ka nwa;
A lekwa teng ke Diabolose ka matsatsi a mashome a mane, a sa je letho ka matsatsi ao; a ntoo lapa ho feleng ha wona.
Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela.
ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.
Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.
Efela ka itihela fatshe pela Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, jwalokaha ke ne ke itihetse pele, kahobane Jehova a ne a itse, o rata ho le fedisa.
Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.