Mattheu 27:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong. BIBELE Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro. Baasraak Sotho NT Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha ka hora ya botshelela lefifi la aparela lefatshe lohle ho isa ho hora ya boroba mono o le mong. |
Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.
E ne e le letsatsi la ho hlekela Paseka, hora yona e batlile ho ba ya botshelela. Pilato a re ho Bajuda: Bonang, morena wa lona ke eo!
Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.
Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.
mme ya kwaholla sekoti sa dihele, mme ha tswa sekoting mosi o kang mosi wa sebopi se seholo; mme letsatsi le sebaka tsa fifatswa ke mosi o tswang sekoting.