Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng hora ya borobong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng hora ya borobong.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 3:1
27 Referencias Cruzadas  

Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.


Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya;


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


O tla hlaba konyana e nngwe hosasa, e nngwe mantsiboya;


Matsatsi a tsheletseng ha a fetile, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo, mme a ya le bona kathoko, thabeng e telele.


A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo.


Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


Bongata bohle ba setjhaba bo ne bo eme kantle, bo rapela nakong eo ho tjheswang dibano ka yona.


Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho.


Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.


Ba ne ba le tempeleng kamehla, ba ntse ba boka Modimo, ba o rorisa.


Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng.


A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!


Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;


Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,


Monna eo, eitse ha a bona Petrose le Johanne ba ya kena tempeleng, a ba rapela hore ba mo nee thuso.


Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


Ke ha ho fihla e mong, a ba tsebisa, a re: Banna bao le ba kentseng teronkong, ke bane, ba eme tempeleng, ba ruta setjhaba.


Jwale, baapostola ba setseng Jerusalema, yare ha ba utlwa hobane Basamaria ba amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne ho bona.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos