Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo.

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:9
18 Referencias Cruzadas  

Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu.


Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.


Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.


Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


Ka baka leo, le tla hlahelwa ke bosiu, e seng ke pono, le ke lefifi, e seng ke tshenolo; letsatsi le tla phirimela baporofeta, lesedi la motshehare le fifale hodima bona.


E tla ba letsatsi le nnotshi, le tsejwang ke Jehova: le ke ke la eba le nyene, leha e le bosiu; empa nakong ya mantsiboya, lesedi le tla ba teng.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


Ha ho tlile hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


E ne e le hora e batlileng ho tshelela, mme lefifi la eba teng naheng yohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.


Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos