La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 27:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Pilato a re ho bona: Mme Jesu, ya bitswang Kreste, yena ke mo etse jwang na? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!

Ver Capítulo

BIBELE

Pilato a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste?” Bohle ba re: “A thakgiswe!”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Pilato a re ho bona: Jwale, ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Pilato a re ho bona: Jwale, ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!

Ver Capítulo



Mattheu 27:22
16 Referencias Cruzadas  

ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Jakobo a tswala Josefa, monna wa Maria eo Jesu, ya bitswang Kreste, a tswetsweng ke yena.


Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?


Mmusisi a boela a bua, a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe ho ba babedi bao? Ba re: Barabase.


Mmusisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho howa, ba re: A thakgiswe!


Jwale, baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki bo ka qosang Jesu, ba tle ba mmolaye; empa ha ba ka ba bo fumana.


Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.


Leha ba sa ka ba fumana ho yena molato o tshwanetsweng ke lefu, ba qela ho Pilato hore a bolawe.


Banna ba heso, tsebang kahoo hobane tshwarelo ya dibe le e boleletswe ka yena,