Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.
Mattheu 27:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste? BIBELE Jwale ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: “Le rata ha ke le lokollela ofe, Barabase kapa Jesu ya bitswang Kreste?” Baasraak Sotho NT Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata hore ke le lokollele mang? Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste? |
Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.
Jakobo a tswala Josefa, monna wa Maria eo Jesu, ya bitswang Kreste, a tswetsweng ke yena.
Empa ba howa, ba re: Mo tlose, mo tlose, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Ke thakgise morena wa lona na? Baprista ba baholo ba araba, ba re: Ha re na morena, haese Sesare.
Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.
Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.