Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?
Mattheu 26:67 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa, BIBELE Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela, Baasraak Sotho NT Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka dithupa; ba bang ba mo otla ka matsoho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka dithupa; ba bang ba mo otla ka matsoho; |
Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?
Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.
Jwalokaha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba mmona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tshobotsi ya hae e neng e fifetse ho fetisa ya bara ba batho;
O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.
Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng!
Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.
Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.
Ba tla mo soma, ba mo shape, ba mo tshwele ka mathe, ba mmolaye; mme o tla be a tsohe ka tsatsi la boraro.
Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.
Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?
Leha re nyefolwa, re a rapela; re entswe dithole tsa lefatshe, le dilahlwa tsa bohle, ho fihlela jwale.
mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.