Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
Mattheu 26:54 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo? BIBELE Empa Mangolo a ka phethahala jwang a reng, eka kgona ho be jwalo?” Baasraak Sotho NT Empa Mangolo a tla phethahala jwang a reng e ka kgona ho be jwalo? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Mangolo a tla phethahala jwang a reng e ka kgona ho be jwalo? |
Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.
Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.
Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa,
Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.