Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:55 - Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

55 Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

55 Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: Le tsoile ka disabole le melamu, jwaloka hoja le tsoetse leshodu ho ntshwara? Ke ne ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

55 Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: Le tsoile ka disabole le melamu, jwaloka hoja le tsoetse leshodu ho ntshwara? Ke ne ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:55
15 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


A re a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se romilweng ke baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Jesu ha a tloha moo, a ya meeding ya Judea, mose ho Jordane; bongata ba boela ba bokana ho yena, mme a boela a ba ruta jwalokaha e ne e le mokgwa wa hae.


Jesu, ha a ntse a ruta tempeleng, a bua, a re: Bangodi ba bolela jwang hore Kreste ke mora wa Davida?


O ne a ruta tempeleng ka matsatsi wohle; mme baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba ne ba rata ho mo timetsa.


Mohlang oo, ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a ba bolella Evangeli, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba ba tla,


Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.


Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu a nyolohela tempeleng, a ruta.


Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.


Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.


Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos