La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 26:52 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Jesu o re ho yena: “Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwarang sabole ba tla bolawa ka sabole.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu a re ho yena: “Busetsa sabole ya hao sebakeng sa yona, hobane bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu a re ho yena: “Busetsa sabole ya hao sebakeng sa yona, hobane bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.

Ver Capítulo



Mattheu 26:52
13 Referencias Cruzadas  

Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.


Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.