Mattheu 26:49 - Sesotho 1909/1961 (SO) A phakisa a atamela Jesu, a re: Dumela Rabbi! Mme a mo aka. BIBELE A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka. Baasraak Sotho NT A phakisa a tla ho Jesu, a re: Dumela, Rabi! mme a mo aka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A phakisa a tla ho Jesu, a re: Dumela, Rabi! mme a mo aka. |
Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;
Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.
Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?